Hosea 3:1-4 BIBELE (SSO89SO)

1. Morena a re ho nna: “Eya, o boelane le mosadi wa hao, le hoja a se a ratana le monna e mong, e se e le sefebe. O mo rate jwalokaha Morena a rata bana ba Iseraele, le hoja ba sebeletsa medimo esele, mme ba e nyehella ka diphaphatha tsa mangangajane a morara.”

2. Yaba ke a mo lata, ke lefa silefera e boima ba dikeramo tse ka bang lekgolo le mashome a supileng, le dikilokeramo tse lekgolo le mashome a mahlano tsa harese.

3. Ka re ho yena: “O tla dula le nna nako e telele, o sa iketse seotswa kapa mosadi wa monna e mong; kahoo le nna ke tla ba wa hao.”

4. Bana ba Iseraele le bona ba tla qeta nako e telele ba se na kgosi kapa kgosana; ba se na sehlabelo kapa sefika seo ba se kgumamelang, ba se na setipe kapa medingwana ya lelapa.

Hosea 3