8. Ke tla ba futuhelase bere e le tshehadi,sa beree bolaetsweng madinyane a yona,ke tsekolle maaparapelo a bona,ke ba harole jwaloka tauhadi,jwaloka hojaba harotswe ke sebatana.
9. “Wena Iseraele, ke tla o timetsa!Ebe ke mangya ka tsebang ho o thusetsa?
10. E kae kgosi ya haoe ke e o namolele,e o sireletse metseng yohle ya hao?Babusi bohleba metse ya hao ba kae,bona bao o ne o bue ka bona,wa re: <Ako mphe kgosi,o be o mphe le mahosana>?
11. Ka o nea kgosi eo ke halefile,ka ba ka o amoha yona ke halefile.
12. Bokgopo ba Efraimebo ngotswe bukeng,sebe sa hae se ke ke sa lebaleha.
13. Mahlaba a pelehi a tla tshwara mmae,empa Efraime ke ngwana ya sethoto,o lesisithehoho belehwa ka nako ya teng.
14. “Na nka ba phemisa,ka ba phemisa Nqalo ya Bafu?Na nka ba lopolla tleneng tse lefu?wena lefu, lokisa mahloko a hao!Wena lebitla, tjhorisa motsu wa hao!Ha ke na ho ba le kutlwelobohloko!