17. Tshenyo e entsweng Lebanonee tla o timetsa,polao ya dibatana tsa yonae tla o tshosa,hoba madi a bathoa tsholotswe ke wena,wa senya naha, le motse wa o ripitla,baahi bohle ba wona wa ba timetsa.
18. “Modingwana wa bohatao thusa mo-o-etsi ka eng?Ke setshwantsho feela,se bolela mashano!Moetsi wa sonao tshepa mmopo wa matsoho a hae,o iketseditse modingwana,modingwana o semumu!
19. Ho madimabe ya reng ho lehong:<Phaphama!>le ho lejwe le semumu:<Phahama!>Na medimo e tjeee ka tseba ho porofeta?E kgabisitswe ka kgautale ka silefera,empa ka ho yonamoya wa bophelo ha o yo!
20. Morena yenao ka Tempeleng ya hae,Tempele ya hae e halalelang;fatshe lohlele ke le kgutse kapela hae.”