Dipolelo 31:14-19 BIBELE (SSO89SO)

14. Morena a re ho Moshe: “Bona, matsatsi a ho shwa ha hao a ntse a atamela. Bitsa Joshua, o tle le yena ka Tenteng ya Morena, mme ke tla mo nea taelo.”Bo-Moshe le Joshua ba ya, ba kena ka Tenteng ya Morena.

15. Morena a hlaha ka Tenteng, a le kahara leru le lopaletseng. Leru leo le lopaletseng la ema monyako wa Tente.

16. Yaba Morena o re ho Moshe: “Bona, o se o tla ithoballa le bo-ntatao, empa setjhaba sena se tla hloka botshepehi ho nna, se kgelohe, se latele medimo e meng ya baditjhaba ba naha, seo se yang ho phela hara bona. Se tla mphuralla, se kwenehele selekane sa ka, seo ke se entseng le sona.

17. Mohlang hoo ho etsahalang, ke tla se halefela haholo, ke se furalle, ke se patele sefahleho sa ka. Se tla timela, se hlahelwe ke bomadimabe bo tshabebang le ditsietsi tse ngata. Mohlang oo se tla re: <Na hase hobane Modimo wa rona a le siyo kahara rona, ha e le moo re hlahelwa ke bomadimabe boo?>

18. Empa ruri ke tla pata sefahleho sa ka mohlang oo, ka baka la bokgopo bohle boo se bo entseng, hobane se latetse medimo e meng.

19. “Ka baka leo, ingolle sefela sena, o se rute bana ba Iseraele. Ba se tsebe ka hlooho, e le hore sefela sena e tle e be paki ya ka, e tswang bana ba Iseraele.

Dipolelo 31