10. Empa tsohle tse se nang mapheo le mahehebu le se ke la di ja, hobane ho lona ha di a hlweka.
11. “Nonyana e nngwe le nngwe e hlwekileng le ka e ja.
12. Empa tsena ke tseo le sa lokeleng ho di ja: ntsu, le seodi, le letlaka,
13. le seotsanyana, le phakwe, le bommankgodi ka mefuta ya bona,
14. le makgwaba ka mefuta ya wona,
15. le mpshe, le kgohoyadira, le letata, le diphakwe ka mefuta ya tsona,
16. le sephookwana, le sephooko, le makgohlo,
17. le mmamolangwane, le lenong, le seinodi,
18. le mokotatsie, le dikokolofitwe ka mefuta ya tsona, le moholodi, le mmankgane.
19. “Ntho e nngwe le e nngwe e nang le mapheo, e hahabang, ho lona ha e a hlweka, mme e ke ke ya jewa.
20. Nonyana e nngwe le e nngwe e hlwekileng, le ka e ja.
21. “Le se ke la ja nama ya ntho efe le efe e itjhweletseng feela. Le ka e fa bajaki ba metseng ya lona, la e rekisetsa moditjhaba, hobane lona le setjhaba se halalelang ho Morena Modimo wa lona.“Le se ke la pheha potsanyane ka lebese la mma yona.
22. “Ka selemo se seng le se seng, o tla fana ka karolo e le nngwe ho tse leshome, tsa kotulo yohle e tswang tshimong ya hao.