19. Ka baka leo, bakang, le sokolohe, dibe tsa lona di tle di hlakolwe,
20. hore ho tle ho tle dinako tsa kgatholoho, tse tswang ho Morena, mme a tle a rome Jesu, eo a le kgethetseng yena e sa le pele ho ba Mesia.
21. Ke yena eo lehodimo le tshwanetseng ho mo amohela ho fihlela mehla ya ha ho busetswa dintho tsohle madulong, mehla eo Modimo a buileng ka yona ka melomo ya baporofeta ba hae ba halalelang, ho tloha mehleng ya boholoholo.
22. Moshe a na a re: <Hara bana babo lona, Morena, Modimo wa lona, o tla le hlahisetsa Moporofeta ya kang nna. Le tle le mo mamele dinthong tsohle tseo a tla di bua ho lona.
23. Mang le mang ya sa tlo mamela Moporofeta eo, o tla timetswa ho hang setjhabeng.>