Diketso 1:4-10 BIBELE (SSO89SO)

4. Yare ha a ena le bona, a ba laela, a re: “Le se ke la ba la tloha Jerusalema, le mpe le emele seo le se tshepisitsweng ke Ntate, seo le se utlwileng ka nna.

5. Johanne o ne a kolobetsa ka metsi, empa lona le tla kolobetswa ka Moya o Halalelang ho eso fete matsatsi a mangata.”

6. Yare ha ba phuthehile, ba mmotsa, ba re: “Morena, na ka nako ee o tla boela o tsosetsa Baiseraele borena?”

7. A re ho bona: “Ha le a tshwanela ho tseba dinako kapa mehla e taolong ya Ntate,

8. empa le tla amohela matla ha Moya o Halalelang o se o theohetse hodima lona. Le tla ba dipaki tsa ka Jerusalema, le Judea yohle, le Samaria, le ho ya fihla dipheletsong tsa lefatshe.”

9. Yare hoba a bue tsena, a nyollelwa hodimo ba ntse ba mo shebile, mme leru la mo tlosa mahlong a bona.

10. Yare ba sa ntse ba tadimile lehodimong ha a ntse a nyoloha, bonang, banna ba babedi, ba diaparo di tshweu, ba ema pela bona.

Diketso 1