24. Yaba Daniele o ya ho Arioke, eo kgosi e neng e mo laetse ho bolaya bahlalefi ba Babilona, o re: “O se ke wa bolaya bahlalefi ba Babilona. Nkise kapele ho kgosi, mme ke tla e hlalosetsa toro eo ya yona.”
25. Arioke a isa Daniele kapele ho kgosi hanghang, a re: “Ke fumane e mong hara Bajuda ba thopilweng, ya tla hlalosetsa kgosi toro ya yona.”
26. Kgosi ya botsa Daniele ya neng a bitswa Beleteshasare, ya re: “Na o ka mpolella toro eo ke e lorileng, wa ba wa e hlalosa?”
27. Daniele a araba kgosi e ntse e utlwa, a re: “Sephiri seo kgosi e ratang ho se tseba se ke ke sa hlaloswa ke bahlalefi, balepi ba dinaledi, baloi kapa dinohe.
28. Empa ho na le Modimo lehodimong ya senolang diphiri. Ke yena ya tsebisang kgosi Nebukadenesare tse tlang ho etsahala mehleng e tlang. Toro ya hao le dipono tseo o di boneng ha o ntse o robetse diphateng tsa hao, ke tsena: