1. “Ka yona nako eo, Mikaele, kgosana e kgolo, mosireletsi wa setjhaba sa heno, o tla fihla. Mohlang oo ho tla ba le ditlokotsi tse esong ho ka di bonwa, haesale ditjhaba di eba teng ho fihlela kajeno. Ha nako eo e fihla, bohle ba setjhaba sa heno ba ngotsweng Bukeng, ba tla lopollwa.
2. Ba bangata ba seng ba shwele ba tla boela ba tsoha: Ba bang ba tsohele bophelo ba kamehla yohle, ba bang ba tsohele hore ba hlajwe ke dihlong, ba nyedisehe kamehla yohle.
3. Bahlalefi ba tla phatsima jwaloka loapi la lehodimo, mme ba rutileng batho ba bangata ho etsa ho lokileng ba tla phatsima jwaloka dinaledi kamehla le mehla.