Baroma 11:28-33 BIBELE (SSO89SO)

28. Bona ba fetohile dira tsa Modimo, hore lona le tle le amohele molaetsa o molemo. Kaha ba khethilwe ke Modimo, ke baratuwa ba hae, ka baka la baholoholo,

29. hobane Modimo ha a kwenehele bao a ba sitsitseng, le bao a ba bitsitseng.

30. Pele le ne le sa mamele Modimo, empa kajeno le hauhetswe ka baka la ho se mamele ha setjhaba sa Iseraele.

31. Ka mokgwa o jwalo, le sona kajeno ha se mamele, e le hore, ka baka la ho hauhelwa ha lona, le sona se tle se hauhelwe.

32. Modimo o tloheletse bohle ho ipea ditlamong tsa ho se mamele, e le hore a tsebe ho hauhela bohle.

33. Borui, le bohlale,le tsebo ya Modimodi kaakang!Dikahlolo tsa haedi ka hlaloswa jwang!Ditsela tsa haedi ka utlwisiswa jwang!

Baroma 11