Baefese 1:19-21 BIBELE (SSO89SO)

19. le seo boholo bo fetisisang ba matla a hae bo leng sona ho rona ba dumelang. Ka wona matla ao a hae a maholo,

20. o sebeditse ho Kreste, ha a mo tsosa bafung, mme a mmea ka letsohong la hae le letona, mahodimong,

21. hore a tle a be kahodimo ho puso yohle, bookamedi bohle, matla wohle, le borena bohle ba meya e busang: kahodimo ho mang kapa mang, mehleng ena kapa mehleng e tlang.

Baefese 1