6. Yena eo leaho la haele leng mahodimong,metheo ya lonao e hlomme hodima lefatshe;yena ya bokellang metsi a lewatle,a a bokelle,a a tshollele hodima lefatshe;lebitso la hae ke Morena.
7. “Na lona Baiseraele,ho nna ha le ke Bakushe?”ho rialo Morena.“Na hase nna ya ilenga le ntsha naheng ya Egepeta,Bafilesita le bonaka ba ntsha Kafatore,Baarame bonaka ba ntsha naheng ya Kire?
8. “Ruri Morena wa mabothoo tadimile mmuso ona o kgopo.Ke tla o timetsahodima lefatshe lohle,empa ntlo ya Judanke ke ka e timetsa kaofela,”ho rialo Morena.
9. “Nna ke tla fela ke etse taelo,ntlo ya Iseraele ke e hlokole,ke e hlokole hara ditjhaba tsohle,ke e hlokolesa koro e hlokolwa ka sefe,empa ho se thollo le e nngwee welang fatshe.
10. Baetsadibe bohle ba setjhaba sa kaba tla bolawa, ba bolawe ka sabole,ho bolawe le bohlebohle ba reng:<Koduwa e ke ke be ya re kgaoletsa,e ke ke be ya re wela hodimo.> ”