Amose 9:3-7 BIBELE (SSO89SO)

3. Leha ba ka ipatatlhorong ya Karamele,ke tla ba tsoma,ke ba tshware hona moo.Leha ba ka ipatela nnaka mpeng ya lewatle,ke tla laela kganyapae ba lomele hona moo.

4. Leha dira tsa bona di ka ba thopa,ke tla laela hore ba bolaelwe moo,ba bolaelwe hona moo ka sabole.Ke rerile hore ke ba timetse,e seng hore ke ba thusetse.”

5. Morena Modimo wa mabothoo ama lefatshe,a ame lefatshe, ebe le a qhibidiha,bohle ba phelang ho lonaebe ba a lla.Naha yohlee tla kokomoha jwaloka Nile,e nto bohlelajwaloka noka ya Egepeta.

6. Yena eo leaho la haele leng mahodimong,metheo ya lonao e hlomme hodima lefatshe;yena ya bokellang metsi a lewatle,a a bokelle,a a tshollele hodima lefatshe;lebitso la hae ke Morena.

7. “Na lona Baiseraele,ho nna ha le ke Bakushe?”ho rialo Morena.“Na hase nna ya ilenga le ntsha naheng ya Egepeta,Bafilesita le bonaka ba ntsha Kafatore,Baarame bonaka ba ntsha naheng ya Kire?

Amose 9