Amose 5:9-14 BIBELE (SSO89SO)

9. O dihela koduwa hodima dinatla,motse o haheleditswenga o fetole lesupi.

10. Le hloile ya lwanelang toka,a e lwanela ka makgotleng,le bile le nyedisa ya buang nnete.

11. Kaha le hatakela mofutsana,le mo qobelle ho le fa mabele a hae,le ke ke la dula kahara matlole a hahile,le a hahile ka majwe, le a betlile;le masimo a morara o motlele a lemme,empa le ke ke la nwa veine ya wona!

12. Ke tseba palo ya ditlolo tsa lona,le boholo ba dibe tsa lonake a bo tseba:Le tuba ya lokileng,le tjotjo le e amohele,ha le ahlolele mofutsanaka toka makgotleng.

13. Mohlang oo ya bohlaleo tla ikgutsetsa,hobane mehlae tla ba e le e mahlonoko.

14. Batlang tse molemoe seng tse kgopo,e le hore le tle le phele;ke moo MorenaModimo wa mabotho,a tla ba le lona jwalokaha le bolela.

Amose 5