3. Ka letsatsi leo bahlabani ba kena motseng ka lenyele, jwaloka bahlabani ba hlabilweng ke dihlong ha ba balehile ntweng.
4. Kgosi ya ikgurumetsa sefahleho, ya bokolla haholo, ya re: “Jo! ngwanaka Abosalome! Jo! ngwanaka, ngwanaka Abosalome!”
5. Jwale Joabe a ya lapeng ho kgosi, a re: “Kajeno o tlontlolotse bahlanka bohle ba hao, ba o pholositseng, ba pholosa le bara ba hao, le baradi ba hao, le basadi ba hao, le basadi ba hao ba mafielo.
6. O rata ba o hloileng, empa o hloile ba o ratang. Kajeno o iponahaditse hore ha o re letho ka mahosana kapa bahlanka. Kajeno ke elellwa hore haeba Abosalome a ne a sa shwa, eba rona bohle re shwele, o ka be o thabile.
7. Ka baka leo, ema, o tsamaye, o yo bua hantle le bahlanka ba hao, hobane ke hlapanya ka Morena hore haeba o sa ye, ha ho motho ya tla o lebela bosiung bona. Hona ho tla ba hobe ho wena ho feta bomadimabe bohle bo kileng ba o wela hodimo ho tloha bohlankaneng ba hao, ho fihlela kajeno.”
8. Yaba kgosi e a ema, e ya dula kgorong ya motse. Bahlabani bohle ba tsebiswa, ha thwe: “Kgosi ke eo e dutse kgorong ya motse.” Yaba bahlabani bao ba phuthehela kapele ho kgosi. E mong le e mong wa Baiseraele o ne a ile a balehela lapeng la hae.