2 Samuele 19:23-34 BIBELE (SSO89SO)

23. Kgosi ya re ho Shimei: “O ke ke wa bolawa!” Yaba kgosi e a mo hlapanyetsa.

24. Mefiboshete, mora wa Saule, a theoha ho ya kgahlanyetsa kgosi. Ho tloha mohla kgosi e tsamayang, ho fihlela e ba e kgutla ka kgotso, Mefiboshete, mora wa Saule, o ne a eso ka a kutletsa maoto a hae, kapa a beola ditedu tsa hae, kapa a hlatswa diaparo tsa hae.

25. Yare ha a fihla ho tla kgahlanyetsa kgosi, a etswa Jerusalema, kgosi ya re ho yena: “Mefiboshete, ke ka baka lang o sa kang wa tsamaya le nna?”

26. Mefiboshete a re: “Oho, monga ka, kgosi ya ka, mohlanka wa ka o ile a nthetsa. Nna, mohlanka wa hao, ke ne ke itse ke tla iqhanehela tonki ya ka, ke e palame, ke tsamaye le kgosi, hobane ke sehlotsa;

27. yaba mohlanka eo o ntshenya lebitso ho monga ka, kgosi ya ka. Empa monga ka, kgosi ya ka, o jwaloka lengeloi la Modimo; ka baka leo, etsa seo o bonang se lokela.

28. Bohle ba lelapa la ntate ba ne ba lokelwa ke ho bolawa ke monga ka, kgosi ya ka, empa o ile wa nkenya hara bao o jang le bona. Ka baka leo, ke sa na le tokelo efe, ya hore ke nne ke ipiletse ho kgosi?”

29. Yaba kgosi e re ho yena: “O sa buelang ditaba tsa hao? Ke qetile ka hore wena le Siba le tla arolelana naha.”

30. Mefiboshete a re ho kgosi: “Siba a hle a e nke yohle, hobane monga ka, kgosi ya ka, o kgutletse hae ka kgotso.”

31. Barasilai wa Mogileade a theoha Rogeleme, a tsamaya le kgosi ho ya e tshedisa Jorodane.

32. Barasilai o ne a se a tsofetse haholo, a ena le dilemo tse mashome a robedi. Ha kgosi e ntse e le Mahanaime, Barasilai o ne a e fepa, hobane o ne a ruile haholo.

33. Kgosi ya re ho Barasilai: “Tshela le nna, re ye Jerusalema, mme ke tla o fepa.”

34. Empa Barasilai a re ho kgosi: “Ebe ke sa tla phela nako e kae, hoo nka yang le kgosi Jerusalema?

2 Samuele 19