22. Joabe a itihela fatshe ka sefahleho, a isa hlompho, a lakaletsa kgosi mahlohonolo, mme a re: “Oho, monga ka, kgosi ya ka, kajeno mohlanka wa hao o a tseba hore o mo hauhetse, hobane kgosi e phethahaditse kopo ya mohlanka wa yona.”
23. Joabe a tloha, a ya Geshure, mme a tla le Abosalome, Jerusalema.
24. Yaba kgosi e re: “Ere Abosalome a ye tlung ha hae, feela a se ke a ba a mpona.” Kahoo Abosalome a ya tlung ha hae, mme a se ke a ba a bona kgosi.
25. Naheng yohle ya Iseraele ho ne ho se monna e motle, ya babatsehang jwaloka Abosalome. O ne a hloka sepha ho tloha bohatong ba leoto ho ya fihla hloohong.
26. Ha a qeta ho kuta moriri wa hae, o ne a ye a o bee sekaleng, mme o etse boima bo ka bang dikilo tse pedi tse lekantsweng ka tekanyo e sebediswang ke mmuso. O ne a ye a o kute qetellong ya selemo, o se o entse sehlothohadi, o mo imela.