15. Bahlabani ba naha ya Juda ba hlaba mokgosi. Yare ba sa ntsane ba hlaba mokgosi, Modimo a etsa hore Jeroboame le Baiseraele bohle ba hlolwe ke bo-Abiya le bahlabani ba Juda.
16. Bana ba Iseraele ba baleha bahlabani ba Juda, mme Modimo a neelana ka bona matsohong a bahlabani bao ba Juda.
17. Abiya le bahlabani ba hae ba ba etsa mofela. Ha bolawa mokgetho wa bahale ba Iseraele ba dikete tse makgolo a mahlano.
18. Mohlang oo bahlabani ba Juda ba hlola bana ba Iseraele, kaha ba ne ba le matla, ba tshepile Morena Modimo wa bo-ntata bona.
19. Abiya a phaladisa Jeroboame, mme a hapa motse wa Bethele le metsana ya wona, le motse wa Jeshana le metsana ya wona, le motse wa Eferone le metsana ya wona.