17. Ka dilemo tse tharo ba matlafatsa mmuso wa Juda, ba tshehetsa le Rehoboame, mora wa Solomone. Ka dilemo tseo tse tharo ba tsamaya mehlaleng ya Davida le Solomone.
18. Rehoboame a nyala Mahalate, moradi wa Jeremote, mora wa Davida eo mmae e neng e le Abihaele, moradi wa Eleabe, mora wa Jese,
19. mme eo a mo tswalla bana, e leng Jeushe, le Shamariya, le Sahame.
20. A boela a nyala Maaka, moradi wa Abosalome, ya ileng a mo tswalla Abiya, le Atai, le Sisa, le Shelomite.
21. Rehoboame o ne a rata Maaka, moradi wa Abosalome, ho feta basadi bohle ba hae, le basadi ba hae ba mafielo. O ne a nyetse basadi ba leshome le metso e robedi, le basadi ba mafielo ba mashome a tsheletseng. A tswala bara ba mashome a mabedi a metso e robedi, le baradi ba mashome a tsheletseng.
22. Rehoboame a kgetha Abiya, mora wa Maaka, hore e be yena hlooho ya lelapa, le mmusi wa bana babo, hobane o ne a rata ho mo etsa kgosi.