2 Diketsahalo 1:11-15 BIBELE (SSO89SO)

11. Modimo a re ho Solomone: “Kaha o kopile se ka pelong ya hao, o sa ikopela matlotlo, kapa maruo, kapa tlotla, kapa hore dira tsa hao di timetswe, kapa hore o phele halelele, o mpa o ikopetse bohlale le tsebo, hore o tle o tsebe ho busa setjhaba sa ka, seo ke o beileng ho ba kgosi ya sona,

12. ke o nea bohlale, le tsebo. Ke tla be ke o nee le matlotlo, le tlotla, e leng tseo ho eso be le kgosi e kileng ya eba le tsona pele ho wena, kapa e tla ba le tsona kamorao ho wena.”

13. Yaba Solomone o kgutlela Jerusalema, a etswa sebakeng sa borapedi se neng se le Gibeone, moo a neng a le kapele ho Tente ya Morena, mme a fihla a busa Baiseraele.

14. Solomone a kgobokanya dikariki tsa ntwa le bahlabani ba palamang. O ne a ena le dikariki tsa ntwa tse sekete le makgolo a mane, le bahlabani ba palamang ba dikete tse leshome le metso e mmedi, bao a ileng a ba bea metseng eo ho bolokwang dikariki tsa ntwa ho yona, le Jerusalema moo a neng a le hona teng.

15. Kgosi ya etsa hore motseng wa Jerusalema, silefera le kgauta di be ngata jwaloka majwe, le difate tsa dikedare di be ngata jwaloka difate tsa monokotshwai tse phuleng.

2 Diketsahalo 1