2 Bakorinthe 4:16-18 BIBELE (SSO89SO)

16. Ka baka leo, ha re tepelle. Leha botho ba rona ba nama bo senyeha, botho ba moya bona bo ntjhafala ka letsatsi le letsatsi.

17. Matshwenyeho a rona a bobebe, ke a motsotswana, a re tlisetsa tlotla e kgolohadi, e sa feleng.

18. Re habile tse sa bonweng, e seng tse bonwang, hobane tse bonwang ke tsa mehla ya jwale, empa tse sa bonweng ke tsa mehla e sa feleng.

2 Bakorinthe 4