1 Timothea 5:5-9 BIBELE (SSO89SO)

5. Athe mohlolohadi ya se nang le moneketsela, ya setseng a nnotsi, o tshepile Modimo feela, o tiisetsa ho mo kopa le ho mo rapela bosiu le motsheare.

6. Empa mohlolohadi ya iphelelang menyakeng, o shwele a ntse a tsamaya.

7. Ba laele tsena, e le hore ba tle ba hloke kodi.

8. Haeba motho a sa baballe ba habo, haholoholo ba phelang lapeng la hae, o lahlile tumelo, mme o mobe le ho feta eo e seng modumedi.

9. Lenaneng la bahlolohadi ho se ngolwe ya katlasa dilemo tse mashome a tsheletseng, le hona e be ya ileng a nyalwa hanngwe feela.

1 Timothea 5