1. Areka ya Morena ya qeta digwedi tse supileng e le naheng ya Bafilesita.
2. Bafilesita ba bitsa baprista le dinohe, ba re: “Re etseng ka areka ee ya Morena? Re bolelleng hore na re e kgutlisetse moo e tswang teng ka mokgwa o jwang!”
3. Baprista ba re ho bona: “Haeba le kgutlisa areka ena ya Modimo wa Baiseraele, le se ke la e kgutlisa e se na letho, empa ruri eka kgona le romele Modimo nyehelo e tlosang sebe. Ke hona le tla phekoleha, mme le tsebe le lebaka leo ka lona a sa kang a kgaotsa ho le otla.”
4. Bafilesita ba boela ba botsa, ba re: “Nyehelo e tlosang sebe, eo re tla mo romela yona, e ka ba ya eng?”Yaba ba re: “E be ditshwantsho tse hlano tsa mathopa a mokoteng, tse bopilweng ka kgauta, le ditweba tse hlano tse bopilweng ka kgauta, ho latela palo ya dikgosi tsa Bafilesita, hobane lona bohle, le dikgosi tsa lona, le ile la otlwa ka sewa se tshwanang.