1. Davida a bolellwa, ha thwe: “Hela, Bafilesita ba futuhetse Keila, ba ntse ba nka dijo diotlong.”
2. Yaba Davida o botsa Morena, o re: “Na nka futuhela Bafilesita baa?”Morena a re ho Davida: “Eya, o futuhele Bafilesita, mme o namolele motse wa Keila.”
3. Empa banna ba Davida ba re ho yena: “Haesita re tshaba re sa le moo Juda, re tla tshaba ho le hokae ha re eya Keila ho lwantsha mabotho a Bafilesita?”
4. Davida a boela a botsa Morena, mme Morena a mo araba, a re: “Ema, o theohele Keila, hobane ke tla neelana ka Bafilesita matsohong a hao.”