1 Samuele 20:4-9 BIBELE (SSO89SO)

4. Yaba Jonathane o re ho Davida: “O rata ha ke o etsetsa eng?”

5. Davida a re ho Jonathane: “Bona mona, hosasane kgwedi e tla be e thwasitse, mme ke lokela ho ba dijong le kgosi. Ntumelle ke tsamaye, ke yo ipata naheng, ho fihlela ka phirimana ya letsatsi la boraro.

6. Ha ntatao a bona ke le siyo, o tle o re ho yena: <Davida o ile a nqophella hore ke mo dumelle a potlakele motseng wa habo wa Betlelehema, hobane hona teng lelapa labo lohle le tla etsa sehlabelo se etswang ka selemo le selemo.>

7. Haeba a ka re: <Ho lokile,> mohlanka wa hao o tla phutholoha, empa haeba a ka halefa, o tsebe hore o ntheretse bobe.

8. Ka baka lena, tshepahala ho mohlanka wa hao, hobane yena le wena le entse selekane sa Morena. Empa haeba ke entse bokgopo, ke hle ke bolawe ke wena ka sebele sa hao. O tla be o nkisetsang ho ntatao?”

9. Yaba Jonathane o re: “O se ke wa hopola ntho e jwalo! Haeba ke ne ke tseba hore ntate o o reretse bobe, na ke ne nke ke ka o bolella?”

1 Samuele 20