40. A nka molamu wa hae, a kgetha majwe a mahlano a boreledi ka nokaneng, a a kenya ka pataneng ya hae, e leng kotla ya hae, letjeketjane le le ka letsohong la hae, a nto atamela ho Mofilesita.
41. Mofilesita a nna a atamela ho Davida, mojari wa thebe ya hae a mo eteletse pele.
42. Ha Mofilesita a ntse a qamaka, a bona Davida, mme a mo halala, hobane Davida e ne e le moshanyana, a le mosehla, sebopeho sa hae se kgahleha.
43. Mofilesita a re ho Davida: “Na nna ke ntja, ha o ntlela ka molangwana tjee?” Mofilesita a rohaka Davida ka modimo wa hae,
44. a re ho Davida: “Tloo kwano, ke tswe ke fepa dinonyana tsa lehodimo le dibatana tsa naha ka nama ya hao!”