1 Samuele 15:31-35 BIBELE (SSO89SO)

31. Yaba Samuele o kgutla le Saule, mme Saule a kgumamela Morena.

32. Yaba Samuele o re: “Ntlisetseng Akake, kgosi ya Baamaleke.”Akake a ya ho Samuele a thabile. Yaba Akake o re: “Ruri bohloko ba lefu bo fetile!”

33. Samuele a re: “Jwalokaha sabole ya hao e ile ya bolaela basadi bana ba bona, hara basadi bao, mmao le yena o tla bolaelwa ngwana.” Samuele a kgabelaka Akake dikotwana, moo Morena a ntseng a bona, a le Gilegale.

34. Yaba Samuele o ikela Rama. Saule yena a ikela tlung ya hae e Gibea, motseng wa Saule.

35. Samuele a se ke a hlola a ya bona Saule, ho fihlela Saule a be a eshwa. Empa Samuele a llela Saule, mme Morena a swaba ha a ile a etsa hore Saule e be kgosi ya Iseraele.

1 Samuele 15