1 Samuele 14:32-37 BIBELE (SSO89SO)

32. Batho ba wela tseo ba di hapileng ka mahlo a matsho. Ba nka dinku, le dikgomo, le manamane, ba di hlaba, ba ja nama eo e ntse e dutla madi.

33. Jwale ha bolellwa Saule, ha thwe: “Bona, setjhaba se sitelwa Morena ka ho ja nama e ntseng e dutla madi!”Saule a re: “Le mahlabaphiyo! Phikolosetsang lejwe le leholo lena ho nna mona, hona jwale!”

34. Saule a boela a re: “Eyang, le kene hara setjhaba, mme le re ho sona: <Monna e mong le e mong a tlise pholo ya hae, le monna e mong le e mong a tlise nku ya hae, ba tlo di hlabela mona, ba je. Ba se ke ba sitelwa Morena ka ho ja nama e ntseng e dutla madi.> ”Bosiung bona boo, monna e mong le e mong wa setjhaba seo sohle a tlisa pholo ya hae. Ba di hlabela hona moo.

35. Saule a hahela Morena aletare. Ya eba yona aletare ya pele eo a e hahelang Morena.

36. Yaba Saule o re: “A re theoheleng ho Bafilesita, re ba phaladise ho fihlela bosiu bo esa. Re hape dintho tsa bona, mme re se ke ra siya monna le ya mong wa bona.”Setjhaba sa re: “Etsa seo wena o bonang se lokile.”Jwale moprista a re: “A re atameleng mona, pela Modimo.”

37. Saule a kopa keletso ya Modimo, a re: “Na nka theoha, ka phaladisa Bafilesita? Na o tla neelana ka bona matsohong a Baiseraele?” Empa ka letsatsi leo Modimo a se ke a mo araba.

1 Samuele 14