1 Samuele 14:23-27 BIBELE (SSO89SO)

23. Ka letsatsi leo, Morena a namolela Baiseraele, mme ntwa ya ba ya ya feta Bete-Afene.

24. Ka letsatsi leo, banna ba Baiseraele ba ne ba lapile, empa Saule a hlapantsha setjhaba, a re: “Ho rohakehe monna ya tla ja dijo kajeno, pele ho phirima, mme ke eso iphetetse ho dira tsa ka.”

25. Setjhaba sohle sa naha eo sa fihla morung, mme sa fumana mahe a dinotshi a le hohle naheng.

26. Setjhaba ha se fihla morung, sa bona mahe a dinotshi a tshwetswetha, empa ha se ke ha eba le ya mong wa sona ya ileng a a isa molomong, hobane setjhaba se ne se tshaba kano eo.

27. Empa Jonathane o ne a sa ka a utlwa ha ntatae a hlapantsha setjhaba; ka baka leo, a hlaba kgekge ya dinotshi ka ntlha ya molamu o letsohong la hae, a isa molomong, yaba mahlo a hae a a ela.

1 Samuele 14