6. Ha Baiseraele ba bona hore taba di mosenekeng, kaha setjhaba se ne se tsielehile, batho ba ipata ka mahaheng, le meferong, le mafikeng, le diqhobosheaneng, le madumeleng.
7. Baheberu ba bang ba ne ba tsheletse mose ho Jorodane, naheng ya ba morabe wa Gade le Gileade.Empa ha e le Saule yena o ne a ntse a le Gilegale, mme setjhaba sohle sa mo latela se ntse se thothomela.
8. Saule a hlola matsatsi a supileng, ho emela nako eo Samuele a neng a e beile. Empa Samuele a se ke a tla Gilegale, mme setjhaba sa qhalanela Saule.
9. Ka baka leo, Saule a re: “Ntlisetseng nyehelo ya setjheso le nyehelo ya teboho.” Saule a etsa nyehelo ya setjheso.
10. Ha Saule a qetile ho etsa nyehelo ya setjheso, ba bona Samuele a fihla. Saule a mo kgahlanyetsa, a mo dumedisa.
11. Yaba Samuele o re ho yena: “O entseng?”Saule a re: “Ke ile ka bona hore setjhaba se a nqhalanela, le hore le wena ha o fihle ka nako eo o neng o e beile, le hore Bafilesita ba kopanetse Mikemase.
12. Ka baka leo, ke ile ka re: <Bafilesita ba tla theohela ho nna, Gilegale, empa ha ke eso ka ke rapela Morena, mme ka fumana ke tlameha hore ke etse nyehelo ya setjheso.> ”
13. Yaba Samuele o re ho Saule: “O sebeditse ka bothoto. Ha o a ka wa boloka molao wa Morena Modimo wa hao, oo a o laetseng wona. Hoja o entse jwalo, Morena a ka be a hlomamisitse mmuso wa hao, hore e be wa kamehla yohle.
14. Empa jwale mmuso wa hao o ke ke wa hlola o tswela pele. Morena o se a ipatletse motho eo a mo ratang. Morena o laetse motho eo hore e be kgosi ya setjhaba sa hae, hobane wena ha o a ka wa mamela seo Morena a o laetseng sona.”