1 Samuele 10:10-18 BIBELE (SSO89SO)

10. Ha ba fihla leralleng, ba bona sehlopha sa baporofeta se etla ho yena. Moya wa Morena wa theohela hodima Saule ka matla, mme le yena a porofeta a le hara bona.

11. Ha bohle ba mo tsebileng pele ba mmona a porofeta le baporofeta, batho ba botsana, ba re: “Ke eng ee e etsahalang ho mora wa Kishe? Na Saule le yena ke moporofeta?”

12. Monna e mong wa hona moo a re: “Ntata bona ke mang?” Ka baka leo, ha eba le maele a reng: “Na Saule le yena ke moporofeta?”

13. Ha Saule a qetile ho porofeta, a ya aletareng e leralleng.

14. Rangwana Saule a re ho yena le ho mohlanka wa hae: “Le ne le ile kae?”Saule a re ho yena: “Re ne re ilo batla ditonki, mme ha re bona re sa di fumane ra ya ho Samuele.”

15. Rangwana Saule a re: “Ke a o kopa: Ako mpolelle seo Samuele a ileng a se bua ho wena.”

16. Saule a re ho rangwanae: “O ile a re bolella hantle hore ditonki di fumanwe.” Empa ha a a ka a mmolella letho ka taba ya mmuso, eo Samuele a e buileng ho yena.

17. Samuele a memela Morena setjhaba, mane Misepa.

18. A re ho bana ba Iseraele: “Morena Modimo wa Iseraele, o bua tjena: <Ke nyolotse Baiseraele Egepeta, ka ba namolela, matsohong a Baegepeta, le matsohong a mebuso yohle e neng e le hateletse.>

1 Samuele 10