1 Bakorinthe 4:15-18 BIBELE (SSO89SO)

15. Leha le ka ba le bahlokomedi ba diketekete ba le rutileng tsa Kreste, empa le na le ntate a le mong. Ho Kreste Jesu, ke nna ya le tswetseng ka molaetsa o molemo.

16. Ka baka leo, ke le kgothaletsa hore le latele mohlala wa ka.

17. Ke kahoo ke le rometseng Timothea, e leng ngwana wa ka ya ratehang, ya tshepahalang ho Morena. O tla le hopotsa kamoo ke phelang kateng ka ho latela Kreste Jesu, le kamoo ke rutang tsa bophelo bona kateng kahohle, kerekeng e nngwe le e nngwe.

18. Ba bang ba ikgohomosa jwalokaha e ka ha ke sa tla le etela.

1 Bakorinthe 4