3. Mme ho ne ho se e mong lehodimong, leha e le lefatsheng, leha e le katlase ho lefatshe, ya neng a ka tseba ho phetla buka, leha e le ho e tadima.
4. Mme nna, ka lla haholo, hobane ho ne ho se ya loketseng ho phetla buka, le ho e bala, leha e le ho e tadima.
5. Yaba e mong wa baholo o re ho nna: Se lle; bona, tau ya leloko la Juda, lehlomela la Davida, e hlotse, e tle e tsebe ho phetla buka le ho manolla ditiiso tse supileng tsa yona.
6. Yaba ke bona konyana e kang e hlabilwe, e eme mahareng a terone le a dibopuwa tse phelang tse nne, le mahareng a baholo, e na le dinaka tse supileng, le mahlo a supileng, e leng Meya e supileng ya Modimo, e rometsweng kahohle lefatsheng.
7. Mme ya tla, ya nka buka letsohong le letona la ya dutseng teroneng.
8. Eitse hobane e nke buka eo, dibopuwa tse phelang tse nne, le baholo ba mashome a mabedi a metso e mene, ba kgumama pela Konyana, ba nkile, e mong le e mong, harepa le pitsana ya kgauta e tletseng tse monko o monate, e leng merapelo ya bahalaledi.
9. Ba bina sefela se setjha, ba re: O loketse ho nka buka, le ho manolla ditiiso tsa yona; hobane o ne o hlajwe, mme wa lopollela Modimo, ka madi a hao, batho ba mefuta yohle, le ba dipuo tsohle, le ba merabe yohle, le ba ditjhaba tsohle;
10. mme o ba beile marena le baprista ho Modimo wa rona, mme ba tla busa hodima lefatshe.
11. Jwale, ka tadima, mme ka utlwa mantswe a mangeloi a mangata a teetseng terone, le dibopuwa tse phelang tse nne le baholo hare, mme palo ya wona e ne e le dikete tse dikete le mashome a dikete a mashome a dikete.
12. A ne a re ka lentswe le phahamileng: Konyana e neng e hlajwe e loketse ho nka borena, le monono, le bohlale, le matla, le hlompho, le kganya, le teboho.