Tshenolo 4:6-8 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

6. Hape, pela terone, ho ne ho le lewatle la seipone, se kang kristale.Bohareng ba terone le ka nqa tsohle ho terone, dibopuwa tse phelang tse nne di ne di le teng, tse tletseng mahlo kapele le kamorao.

7. Sebopuwa se phelang sa pele se ne se tshwana le tau; sebopuwa se phelang sa bobedi se ne se le jwaloka namane; sebopuwa se phelang sa boraro se ne se na le sefahleho se kang sa motho; mme sebopuwa se phelang sa bone se ne se ka ntsu e fofang.

8. Dipobuwa tse nne tseo tse phelang, se seng le se seng sa tsona se ne se medile dipheo tse tsheletseng, mme se ne se tletse mahlo ka nqa tsohle le kahare; mme di ne di sa phetse, motshehare le bosiu, ho re: O a halalela, o a halalela, o a halalela, Morena Modimo, Ya matla wohle, ya neng a le teng, ya ntseng a le teng, ya tla nne a be teng.

Tshenolo 4