Tshenolo 3:13-20 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

13. Ya nang le ditsebe a utlwe seo Moya o se bolellang dikereke.

14. Ngolla le lengeloi la kereke ya Laodisea, o re: Ke tsena tse bolelwang ke eo e leng Amen, paki e tshepehang, ya nnete, hlooho ya dibopuwa tsa Modimo:

15. Ke tseba mesebetsi ya hao: ha o bate, ha o tjhese; holane o a bata, kapa o a tjhesa!

16. Mme jwale, erekaha o le fofo, o sa bate, o sa tjhese, ke tla o hlatsa molomong wa ka.

17. Erekaha o re: Ke morui, ke mononi, mme ha ke hloke letho; athe ha o tsebe hobane o soto, o madimabe, o mofutsana, o sefofu, o feela;

18. ke a o eletsa hore o ithekele ho nna kgauta e hlwekisitsweng mollong, o tle o rue; le diaparo tse tsweu, o tle o apare, dihlong tsa bofeela ba hao di tle di se ke tsa bonahala; o ithekele le setlolo sa mahlo, ho a tlotsa ka sona, o tle o bone.

19. Nna, ke kgalemela, ke laya bohle bao ke ba ratang; o be le tjheseho hle, mme o bake.

20. Bona, ke eme monyako, mme ke a kokota; ekare ha e mong a utlwa lentswe la ka, mme a bula monyako, ke tla kena ha hae, mme ke tla lalla le yena, le yena le nna.

Tshenolo 3