3. hape, o na le sebete; o mameletse bothata ka baka la lebitso la ka, mme ha o a ka wa kgathala.
4. Empa ke na le seo ke se nyatsang ho wena, ke hobane o lahlile lerato la hao la pele.
5. Hopola hle moo o weleng, mme o bake, mme o etse mesebetsi ya pele; ha ho se jwalo, ke tla tla ho wena, ke tlose kandelare ya hao tulong ya yona, ha o sa bake.
6. Empa o na le molemo ona, ke hobane o hloile diketso tsa Banikola, tseo le nna ke di hloileng.
7. Ya nang le ditsebe a utlwe seo Moya o se bolellang dikereke: Ya hlolang, ke tla mo fa ho ja sefate sa ho phela, se kahara Paradeise ya Modimo.
8. Ngolla lengeloi la kereke ya Smirna, o re: Wa pele le wa morao, ya kileng a shwa, mme a boela a phela, o bolela tsena, o re: