23. Ke tla bolaya bana ba hae ka lefu; mme dikereke tsohle di tla tseba hobane ke nna ya lekolang matheka le dipelo; mme ke tla putsa e mong le e mong wa lona ka ho lekanang mesebetsi ya hae.
24. Haele lona, le ba bang ba Thiatire, ba sa yeng ka thuto eo, ba sa kang ba tseba matebo a Satane, kamoo ba a bitsang kateng, ke a le bolella hore nke ke ka le bea boima bo bong.
25. Feela, le nne le tiise seo le nang le sona, ke be ke fihle.
26. Ya hlolang, mme a tiisetsa ho etsa mesebetsi ya ka ho isa qetellong, ke tla mo fa mmuso hodima ditjhaba:
27. o tla di disa ka lere la tshepe, mme di tla thuwa jwaloka dipitsa tsa letsopa, kamoo le nna ke nkileng taelo ho Ntate kateng.