Sakaria 11:5-11 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

5. mme ba rekisang ka tsona ba re: Ho bokwe Jehova! re ruile! ... mme badisa ba tsona ha ba di qenehele.

6. Hobane ha ke sa tla qenehela baahi ba lefatshe, ho bolela Jehova; ke se ke tla neela batho bohle, e mong le e mong, matsohong a wa habo le matsohong a morena wa hae; ba tla otla lefatshe, mme nke ke ka ba namolela matsohong a bona.

7. Yaba ke alosa dinku tse bolawang, hara tsona ho le tse fokolang tsa mohlape, mme ka inkela thupa tse pedi, e nngwe ka e rea Mohau, e nngwe ka e rea Ditlamo, ka ba ka alosa mohlape.

8. Ka timetsa badisa ba bararo ka kgwedi e le nngwe. Empa ka fediswa pelo ke dinku, le tsona meya ya tsona ya tenwa ke nna.

9. Yaba ka re: Ha ke sa tla di alosa! E shwang e shwe; e timelang e timele; haele tse salang, a di ke di je e nngwe le e nngwe nama ya e nngwe.

10. Yaba ke nka thupa ya ka e bitswang Mohau, ke a roba, ke tle ke kgaole selekane sa ka seo ke neng ke se entse le ditjhaba kaofela.

11. Sa kgaolwa ka tsatsi leo; mme tse fokolang tsa mohlape, tse neng di ntlhokomela, tsa lemoha kahoo hobane e be e le lentswe la Jehova.

Sakaria 11