Numere 4:47-49 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

47. ho qala ka ba dilemo tse mashome a mararo ho isa ho ba dilemo tse mashome a mahlano, bohle ba sebetsang tenteng ya pokano, mme ba e jara;

48. ba ngodilweng bao bohle ya eba dikete tse robileng meno e le mmedi, tse nang le makgolo a mahlano a mashome a robileng meno e le mmedi.

49. Ba ngolwa ke Moshe, ka taelo ya Jehova, e mong le e mong ka tshebetso ya hae, e mong le e mong ka phahlo ya hae; ba ngolwa kamoo Jehova a neng a laetse Moshe kateng.

Numere 4