Numere 36:1-2 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Dihlooho tsa ntlo ya bara ba Gileade, mora Makire, mora Manasse, hara matlo a bara ba Josefa, tsa atamela, mme tsa bua pela Moshe le pela marena ao e leng dihlooho tsa matlo a bana ba Iseraele.

2. Tsa re: Jehova o laetse monghadi wa ka ho arolela bana ba Iseraele naha ka lotho, e be lefa la bona. Hape, monghadi wa ka o laetswe ke Jehova ho nea lefa la ngwanabo rona, Tselofkade, ho baradi ba hae.

Numere 36