Numere 35:18-25 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

18. Ha a mo otla ka ntho ya lehong eo a e tshwereng ka letsoho, le ka bolayang motho, mme a eshwa, ke mmolai; mmolai a otlwe ka ho bolawa.

19. Mophetetsi wa madi o tla bolaya mmolai; mohla a teanang le yena, o tla mmolaya.

20. Ha motho a dihela ngwanabo ka baka la hloyo, kapa ha a mo betsa ka ntho e nngwe ka boomo, mme a eshwa;

21. kapa ha a mo otla ka letsoho, ka bora, mme a eshwa, ya otlileng o tla otlwa ka ho bolawa, hobane ke mmolai; mophetetsi wa madi o tla bolaya mmolai, mohla a teanang le yena.

22. Empa ha motho a tshoha a otla ngwanabo, e seng ka bora; kapa ha a mo betsa ka ntho e nngwe, a sa etse ka boomo;

23. kapa ha a dihetse lejwe le ka mmolayang hodima hae a sa mmone, mme a eshwa, a sa mo hloya, a sa mo otse,

24. ke ena melao eo phutheho e tla ahloha ka yona mahareng a motho ya otlileng le mophetetsi wa madi:

25. Phutheho e tla lokolla mmolai matsohong a mophetetsi wa madi, mme e tla mo kgutlisetsa motseng wa setshabelo oo a neng a balehetse ho wona. O tla aha teng, ho be ho shwe moprista e moholo ya bileng a tlotswa ka ole e kgethehileng.

Numere 35