38. Moprista Aarone a nyolohela thabeng ya Hore, ka taelo ya Jehova; a shwela teng, ka tsatsi la pele la kgwedi ya bohlano, ka selemo sa mashome a mane sa ho tswa ha bana ba Iseraele naheng ya Egepeta.
39. Mohla Aarone a shwang thabeng ya Hore, o ne a ena le dilemo tse lekgolo le le leng le nang le mashome a mabedi a metso e meraro.
40. Morena Arade, Mokanana, ya neng a ahile naheng ya Kanana, ka nqa borwa, a utlwa hore bana ba Iseraele ba ya fihla.
41. Ba tloha thabeng ya Hore, ba emisa Tsalmona.
42. Ba tloha Tsalmona, ba emisa Punone.