Numere 31:51-54 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

51. Yaba Moshe le Eleasare ba amohela ho bona mesebetsi eo yohle ya kgauta.

52. Boima ba kgauta yohle eo balaodi ba dikete le balaodi ba makgolo ba e tliseditseng Jehova, ho etsa nyehelo e emiswang, ya eba dishekele tse dikete tse leshome le metso e tsheletseng tse nang le makgolo a supileng a mashome a mahlano.

53. (Hobane bahlabani ba ne ba nkile thepa, e mong le e mong a inketse yona.)

54. Moshe le moprista Eleasare ba nka kgauta ya balaodi ba dikete le ya balaodi ba makgolo, mme ba e tlisa tenteng ya pokano, e tle e be kgopotso ho bana ba Iseraele pela Jehova.

Numere 31