Numere 19:1-5 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Jehova a bua le Moshe le Aarone, a re:

2. Hona ke taelo le molao oo Jehova a o beang ka ho re: Bolella bana ba Iseraele hore ba o tlisetse sethole sa kgomo se sekgunwana, se hlokang sekodi, se se nang bohole, se esong ho kenngwe jokong.

3. Le tla se nea moprista Eleasare, a se ntshe diahelong; mme se tla bolawa pela hae.

4. Moprista Eleasare o tla nka madi a sethole ka monwana, mme o tla foka wona hasupa ka nqa kapele ho tente ya pokano.

5. Sethole se tla tjheswa pela mahlo a hae; ho tla tjheswa letlalo la sona, le nama ya sona, le madi a sona, le wona moswang wa sona.

Numere 19