Moeklesia 11:2-5 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

2. Bo arolele batho ba supileng, leha ba ka roba meno e le mmedi, hobane ha o tsebe tlokotsi e ka hlahang lefatsheng.

3. Ereha maru a tletse pula, a ye a e tshollele lefatsheng; leha sefate se wela nqa borwa, kapa nqa leboya moo se welang teng, ke hona moo se dulang teng.

4. Ya elang moya hloko a ke ke a jala, ya tadimang maru a ke ke a kotula.

5. Jwalokaha o sa tsebe tsela ya moya, leha e le kamoo masapo a bopjwang popelong ya mosadi ya emereng kateng, ho jwalo ha o tsebe mosebetsi wa Modimo o etsang tsohle.

Moeklesia 11