Moeklesia 10:4-7 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

4. Ha pelo ya mmusi e ka o halefela, o se ke wa furalla ditulo tsa hao, hobane mosa o ka o phemisa phoso e kgolo.

5. Ke bone taba e mpe tlasa letsatsi, ke phoso e yeng e etswe ke mmusi:

6. ke hobane bothoto bo ye bo bewe tulong tse phahameng, mme barui ba ye ba dule tulong tse kokobetseng.

7. Ke bone bafo ba palamang, le mahosana a tsamayang ka maoto jwaloka bafo.

Moeklesia 10