37. Jerusalema, Jerusalema, ya bolayang baporofeta, ya tlepetsang ka majwe ba rongwang ho wena, ke ratile hangata hakakang ho bokella bana ba hao, jwaloka kgoho ha e bokella ditsuanyana tsa yona tlasa mapheo a yona, empa le hanne.
38. Bonang, ntlo ya lona e tla sala e le lesupi,
39. hobane ke re ho lona: Ho qala jwale, ha le ka ke la hlola le mpona, ho be ho fihle mohla le tla re: Ho bokwe ya tlang ka lebitso la Morena!