Mareka 9:2-11 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

2. Kamora matsatsi a tsheletseng, Jesu a nka Petrose, le Jakobo, le Johanne, a ya le bona ba nnotshi hodima thaba e telele. Yaba o fetoha pontsheng ho bona;

3. diaparo tsa hae tsa fetoha, tsa benya, tsa eba tshweu jwaloka lehlwa, kamoo ho seng mohlatswi lefatsheng kateng, a ka tsebang ho sweufatsa hakalo.

4. Mme Elia le Moshe ba hlaha ho bona, ba buisana le Jesu.

5. Yaba Petrose o bua, a re ho Jesu: Rabbi, ho molemo ha re ka dula mona; ha re etseng metlotlwane e meraro: o mong e be wa hao, o mong e be wa Moshe, o mong e be wa Elia.

6. Hobane o ne a sa tsebe seo a se bolelang, etswe ba ne ba tshohile haholo.

7. Yaba leru le a tla, la ba kgurumetsa, ha ba ha tswa lentswe lerung, la re: Enwa ke Mora wa ka ya ratwang; mo utlweng.

8. Ba phakisa ba qamaka, empa ba se ke ba hlola ba bona motho e mong ho bona haese Jesu a nnotshi.

9. Eitse ha ba theoha thabeng, a ba laya hore ba se ke ba bolella motho seo ba se boneng, haese mohla Mora motho a seng a tsohile bafung.

10. Ba boloka polelo eo ka ho bona, ba botsana hore ho tsoha bafung ke ho reng na?

11. Yaba ba mmotsa, ba re: Bangodi ba bolela keng hore e ka kgona Elia a tle pele?

Mareka 9