Mareka 14:12-19 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

12. Ka letsatsi la pele la mokete wa mahobe a se nang ditomoso, e leng leo ho hlajwang Paseka ka lona, barutuwa ba hae ba re ho yena: O rata ha re ya o lokisetsa kae, o tle o je Paseka?

13. Yaba o roma barutuwa ba hae ba le babedi, a re ho bona: Eyang motseng, mme le tla kgahlana le motho ya jereng nkgo ya metsi; le mo latelle.

14. Moo a kenang teng, le bolelle monga ntlo, le re: Moruti o re: Ntlo e kae eo ke tla jela Paseka ho yona le barutuwa ba ka?

15. O tla le bontsha ntlo e kgolo, e kahodimo, e kgabisitsweng, e lokisitsweng; le re lokisetse hona teng.

16. Barutuwa ba hae ba tloha, ba kena motseng, ba fumana ho le jwalokaha a ba boleletse; mme ba lokisa Paseka.

17. Ha e se e le ka shwalane, a ya teng le ba leshome le metso e mmedi.

18. Ha ba dutse ba eja, Jesu a re: Kannete ke re ho lona: E mong wa lona, ya jang le nna, o tla nkeka.

19. Yaba ba qala ho swaba, le ho mmotsa e mong le e mong, ka ho re: A ke nna na? A ke nna na?

Mareka 14