Mareka 11:31-33 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

31. Mme ba eletsana hammoho, ba re: Ha re re: E ne e tswa lehodimong, o ya re: Ha ho le jwalo, ha le a ka la e dumela keng?

32. Ha re re: E ne e tswa bathong, — teng ba ne ba tshaba setjhaba, hobane bohle ba ne ba re, Johanne ke moporofeta wa sebele.

33. Yaba ba araba, ba re ho Jesu: Ha re tsebe. Jesu a re ho bona: Le nna, nke ke ka le bolella matla ao ke etsang ntho tseo ka wona.

Mareka 11